21. Hara merabe yohle ya Iseraele, Morena o tla mo kgethollela hore a timetswe, ho ya ka dithohako tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao.
22. “Meloko e tlang, e leng ditloholo tsa lona tse tla tswalwa, le mojaki ya tswang naheng e hole, ba tla bona diwa tsa naha ena, le malwetse a yona, ao Morena a e otlang ka wona.
23. Mobu o tla fetoha sebabole le letswai, naha yohle e be letswatlare le tjheleng, le sa jalwang, le sa beheng, le se nang jwang, jwalokaha ho ne ho timetswa Sodoma le Gomora, le Adema le Seboime, tseo Morena a neng a di timetse ha a halefile, a le bohalehale.
24. Jwale ditjhaba tsohle di tla re: <Ke ka baka lang, ha Morena a entse naha ee tjee? Kgalefo e kaalekaale e bolelang?>
25. “Batho ba tla re: <Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bo-ntata bona, seo a ileng a se etsa le bona ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta.
26. Ba ile ba ya sebeletsa medimo e meng, ba kgumamela medimo eo ba sa e tsebeng, eo a sa kang a ba nea yona.
27. Ka baka leo, kgalefo ya Morena e ile ya tlokomela naha eo, a e tlisetsa dithohako tsohle tse ngotsweng kahara buka ena.
28. Morena a halefa, a ba bohalehale, a ba phahla naheng ya bona, mme ka kgalefo e kgolo a ba lelekela naheng esele moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.>
29. “Diphiri tsohle ke tsa Morena Modimo wa rona, empa dintho tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona kamehla yohle, e le hore re phethe dipallo tsohle tsa Molao ona.