1. Ana ke wona mantswe a selekane seo Morena a neng a laele Moshe hore a se etse le bana ba Iseraele ha ba le naheng ya Moabe; e le se seng hape, ntle ho seo a neng a se etse le bona ha ba le thabeng ya Horebe.
2. Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: “Ka mahlo a lona le bone tsohle, tseo Morena a ileng a di etsa naheng ya Egepeta, ho Faro, le ho bahlanka ba hae bohle, le naheng ya hae yohle;
3. e leng meleko e meholo eo le e boneng ka mahlo a lona, le dipontsho tse kgolo, le mehlolo e meholo.
4. Empa ho fihlela le kajeno Morena ha a eso le nee dikelello tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.
5. Ka dilemo tse mashome a mane ke ile ka le etella pele lehwatateng, empa diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha, le dieta tsa lona ha di a ka tsa fela.
6. Ha le a ka la ja bohobe, ha le a ka la nwa veine kapa jwala, e le hore le tle le tsebe hore ke nna Morena Modimo wa lona.
7. “Ha le fihla sebakeng sena, Sihone, kgosi ya Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ba ile ba re futuhela, ba re lwantsha, empa ra ba hlola.