Dipolelo 29:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Ana ke wona mantswe a selekane seo Morena a neng a laele Moshe hore a se etse le bana ba Iseraele ha ba le naheng ya Moabe; e le se seng hape, ntle ho seo a neng a se etse le bona ha ba le thabeng ya Horebe.

2. Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: “Ka mahlo a lona le bone tsohle, tseo Morena a ileng a di etsa naheng ya Egepeta, ho Faro, le ho bahlanka ba hae bohle, le naheng ya hae yohle;

3. e leng meleko e meholo eo le e boneng ka mahlo a lona, le dipontsho tse kgolo, le mehlolo e meholo.

4. Empa ho fihlela le kajeno Morena ha a eso le nee dikelello tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.

5. Ka dilemo tse mashome a mane ke ile ka le etella pele lehwatateng, empa diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha, le dieta tsa lona ha di a ka tsa fela.

6. Ha le a ka la ja bohobe, ha le a ka la nwa veine kapa jwala, e le hore le tle le tsebe hore ke nna Morena Modimo wa lona.

7. “Ha le fihla sebakeng sena, Sihone, kgosi ya Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ba ile ba re futuhela, ba re lwantsha, empa ra ba hlola.

8. Ra hapa naha ya bona, mme ra e nea ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, e le lefa.

9. “Ka baka lena he, bolokang mantswe a selekane sena, le a phethe, e le hore le tle le atlehe ho tsohle tseo le di etsang.

10. “Kajeno lena, bohle le eme kapele ho Morena Modimo wa lona: mahosana a merabe ya lona, baholo ba setjhaba sa lona, le balaodi ba lona, le banna bohle ba Iseraele,

11. bana ba lona, basadi ba lona, le bajaki ba kahara diahelo tsa lona, ho tloha ka motho ya rwallang, ho isa ho ya kgang metsi.

12. Le kena selekaneng sa Morena Modimo wa lona, le kanong ya hae, eo Morena Modimo wa lona a e etsang ho lona kajeno;

13. hore a tle a le etse setjhaba sa hae, yena e be Modimo wa lona jwalokaha a ile a bua ho wena, le kamoo a ileng a hlapanyetsa bo-ntata lona Aborahama, Isaka, le Jakobo.

Dipolelo 29