Dipolelo 28:9-17 BIBELE (SSO89SO)

9. “Morena o tla o etsa setjhaba se halalelang sa hae, jwalokaha a o hlapanyeditse, haeba o boloka melao ya Morena Modimo wa hao, mme o tsamaya ditseleng tsa hae.

10. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla elellwa hore o bitswa ka lebitso la Morena, mme di tla o tshaba.

11. Morena o tla o atlehisa haholo ka ho atisa bana ba hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le ditholwana tsa masimo a hao, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntatao hore o tla o nea yona.

12. “Morena o tla o bulela letlole la hae e leng lehodimo, a nesetse naha ya hao pula ka nako ya yona, a hlohonolofatse le mesebetsi yohle eo o e etsang. O tla adimana ka tsa hao ho ditjhaba tse ngata, empa wena o ke ke wa adima letho ho tsona.

13. Morena o tla o etsa hlooho, e seng mohatla. O tla ba kahodimo, o ke ke wa ba katlase, haeba o mamela melao ya Morena Modimo wa hao, eo ke o laelang yona kajeno, hore o e hlokomele, mme le e phethe.

14. O se ke wa kgeloha lentswe leha le le leng la mantswe ao ke o laelang wona kajeno. O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, wa latela medimo e meng, wa e sebeletsa.

15. “Empa haeba o sa mamele lentswe la Morena Modimo wa hao, o sa hlokomele ho phetha melao yohle ya hae, le ditaelo tsohle tsa hae, tseo ke o laelang tsona kajeno, dithahako tsena tsohle di tla ba hodima hao, di o kgomarele.

16. “O tla rohakeha motseng,o rohakehe le masimong!

17. “Seroto sa hao se tla rohakeha,le sejana sa hao sa ho dubela hlama!

Dipolelo 28