66. Le tla phela ka matswalo, le be le tshabo motsheare le bosiu, le se ke la phela ka boiketlo.
67. Hoseng le tla re: <Hoja e ne e le ka phirimana!> Ka phirimana le re: <Hoja e ne e le hoseng!> e le ka baka la tshabo eo dipelo tsa lona di tla tshaba ka yona, le ka baka la tseo le tla di bona ka mahlo a lona.
68. Morena o tla le kgutlisetsa Egepeta hape ka dikepe, ka tsela eo ke ileng ka bua ka yona ho lona, ka re: <Le ke ke la hlola le e bona hape.> Teng le tla ithekisa ho dira tsa lona hore le be makgoba le makgabunyane, empa ha ho ya tla le reka.”