57. Kobo ya ngwana wa hae wa lesea, e tswang pakeng tsa dinoka tsa hae, o tla e ja ka lekunutu; a je esita le bana bao a ba tswetseng, hobane a hloka tsohle, ka baka la thibella ena le tsietsi ena, eo dira tsa hao di tla o etsetsa yona dikgorong tsohle tsa metse ya heno.
58. “Haeba o sa hlokomele ho phetha mantswe wohle a molao ona, a ngotsweng bukeng ena, le ho tshaba lebitso lena le tlotlehang, le tshabehang, la Morena Modimo wa hao,
59. Morena o tla o otla ka mafu a sewa a makatsang, wena le ditloholo tsa hao; e be mafu a sewa a maholo, a sa foleng, le malwetse a bohloko, a sa foleng.
60. Hape o tla o tlisetsa mafu wohle a Egepeta, ao o neng o a tshaba, mme a tla o kgomarela;
61. hapehape le malwetse wohle, le diwa tsohle tse sa ngolwang Bukeng ya Molao ona. Morena o tla o tlisetsa tsona, ho fihlela o timela.
62. Le tla sala le le mmalwana ka palo, le hoja le ne le le letshwele le lekaalo ka dinaledi tsa lehodimo, hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena Modimo wa hao.
63. “Jwalokaha Morena a ne a thabele ho le atlehisa, le ho le ngatafatsa, ka mokgwa o jwalo Morena o tla thabela ho le timetsa, mme le tla tloswa lefatsheng leo le yang ho lona hore e be la lona.
64. Morena o tla le qhalakanya hara ditjhaba tsohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, mme hona moo le tla sebeletsa medimo e meng, eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba, e leng ya lehong le ya lejwe.
65. Hara ditjhaba tseo le ke ke la fumana boiketlo, le maoto a lona a tla hloka moo a ka hatang teng. Morena o tla etsa hore dipelo tsa lona di tshwenyehe, mahlo a lona a fifale, meya ya lona e hlomohe.
66. Le tla phela ka matswalo, le be le tshabo motsheare le bosiu, le se ke la phela ka boiketlo.
67. Hoseng le tla re: <Hoja e ne e le ka phirimana!> Ka phirimana le re: <Hoja e ne e le hoseng!> e le ka baka la tshabo eo dipelo tsa lona di tla tshaba ka yona, le ka baka la tseo le tla di bona ka mahlo a lona.