51. Se tla ja tswala ya diphoofolo tsa hao, le ditholwana tsa naha ya heno, ho fihlela se o timetsa. Ha se na ho o siela koro, kapa veine, kapa ole, kapa manamane a dikgomo tsa hao, kapa tswala ya mehlape ya hao, ho fihlela se o timetsa.
52. Se tla thibella dikgoro tsa metse ya heno, ho fihlela marako a hao, a phahameng, a diqhobosheane, ao o a tshepang, a heleha naheng yohle ya heno. Se tla thibella dikgoro tsohle tsa heno, naheng eo Morena Modimo wa hao a o neileng yona.
53. “Tsietsing ena ya ho thibellwa, eo dira di tla o etsetsa yona, o tla ja bana ba hao, e leng nama ya bara ba hao le ya baradi ba hao, bao o ba neilweng ke Morena Modimo wa hao.
54. Monna ya bonolo, ya bokotswang haeno, o tla sheba ngwanabo, le mosadi wa hae eo a mo ratang haholo, le bana ba hae ba sa setseng, ka leihlo le lebe.
55. A ke ke a fa ofe kapa ofe wa bona, nama ya bana ba hae, bao a tla ba ja, hobane ha a sa saletswe ke letho ka baka la thibella ena, le tsietsi ena eo dira di tla o etsetsa yona dikgorong tsohle tsa metse ya hao.
56. Mosadi ya bonojwana, ya bokotswang haeno, ya neng a ke ke a leka le ho hata fatshe ka baka la bonolo ba hae, le ho bokotswa, o tla sheba monna wa hae, eo a mo ratang haholo, le mora wa hae, le moradi wa hae, ka leihlo le lebe.
57. Kobo ya ngwana wa hae wa lesea, e tswang pakeng tsa dinoka tsa hae, o tla e ja ka lekunutu; a je esita le bana bao a ba tswetseng, hobane a hloka tsohle, ka baka la thibella ena le tsietsi ena, eo dira tsa hao di tla o etsetsa yona dikgorong tsohle tsa metse ya heno.
58. “Haeba o sa hlokomele ho phetha mantswe wohle a molao ona, a ngotsweng bukeng ena, le ho tshaba lebitso lena le tlotlehang, le tshabehang, la Morena Modimo wa hao,
59. Morena o tla o otla ka mafu a sewa a makatsang, wena le ditloholo tsa hao; e be mafu a sewa a maholo, a sa foleng, le malwetse a bohloko, a sa foleng.
60. Hape o tla o tlisetsa mafu wohle a Egepeta, ao o neng o a tshaba, mme a tla o kgomarela;
61. hapehape le malwetse wohle, le diwa tsohle tse sa ngolwang Bukeng ya Molao ona. Morena o tla o tlisetsa tsona, ho fihlela o timela.
62. Le tla sala le le mmalwana ka palo, le hoja le ne le le letshwele le lekaalo ka dinaledi tsa lehodimo, hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena Modimo wa hao.