Dipolelo 28:5-20 BIBELE (SSO89SO)

5. “Seroto sa haose tla hlohonolofatswa,le sejana sa haosa ho dubela hlama.

6. “O tla hlohonolofatswa ha o kena,o hlohonolofatswe ha o etswa.

7. “Morena o tla etsa hore dira tsa hao, tse o tsohetseng matla, di hlolwe o ntse o di bona. Ha di o futuhela di tla tla di tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha di o baleha di tla phasaphasa ka tsela tse ngata.

8. “Morena o tla hlohonolofatsa disiu tsa hao, le tsohle tseo o di etsang; a o hlohonolofatse naheng eo Morena Modimo wa hao a o neang yona.

9. “Morena o tla o etsa setjhaba se halalelang sa hae, jwalokaha a o hlapanyeditse, haeba o boloka melao ya Morena Modimo wa hao, mme o tsamaya ditseleng tsa hae.

10. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla elellwa hore o bitswa ka lebitso la Morena, mme di tla o tshaba.

11. Morena o tla o atlehisa haholo ka ho atisa bana ba hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le ditholwana tsa masimo a hao, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntatao hore o tla o nea yona.

12. “Morena o tla o bulela letlole la hae e leng lehodimo, a nesetse naha ya hao pula ka nako ya yona, a hlohonolofatse le mesebetsi yohle eo o e etsang. O tla adimana ka tsa hao ho ditjhaba tse ngata, empa wena o ke ke wa adima letho ho tsona.

13. Morena o tla o etsa hlooho, e seng mohatla. O tla ba kahodimo, o ke ke wa ba katlase, haeba o mamela melao ya Morena Modimo wa hao, eo ke o laelang yona kajeno, hore o e hlokomele, mme le e phethe.

14. O se ke wa kgeloha lentswe leha le le leng la mantswe ao ke o laelang wona kajeno. O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, wa latela medimo e meng, wa e sebeletsa.

15. “Empa haeba o sa mamele lentswe la Morena Modimo wa hao, o sa hlokomele ho phetha melao yohle ya hae, le ditaelo tsohle tsa hae, tseo ke o laelang tsona kajeno, dithahako tsena tsohle di tla ba hodima hao, di o kgomarele.

16. “O tla rohakeha motseng,o rohakehe le masimong!

17. “Seroto sa hao se tla rohakeha,le sejana sa hao sa ho dubela hlama!

18. “Bana ba hao ba tla rohakeha,le ditholwana tsa naha ya heno,le manamane a dikgomo tsa hao,le tswala ya mehlape ya hao!

19. “O tla rohakeha ha o kena,o rohakehe ha o etswa!

20. “Morena o tla o romela bomadimabe, le pherekano, le ho hloka katleho mesebetsing yohle eo o e etsang, ho fihlela o timela, o eshwa hanghang, ka baka la diketso tsa hao tse kgopo, tseo o mphuraletseng ka tsona.

Dipolelo 28