Dipolelo 28:32-52 BIBELE (SSO89SO)

32. Bara ba hao le baradi ba hao ba tla newa setjhaba se seng, moo o ntseng o bona; o tla ba hlolohelwa ka dinako tsohle, empa o se na matla a ho etsa letho.

33. Ditholwana tsa naha ya heno, le matla wohle a hao, tsena di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng, empa wena o tla hatellwa, o robokelwe kamehla.

34. Tseo mahlo a hao a tla di bona di tla o hlantsha.

35. Morena o tla o otla ka mathopa a tla o tswa mangweleng le ditlhafung, a ke keng a phekolwa. A tla o bereha ho tloha bohatong ba leoto, ho ya fihla hara hlooho.

36. “Wena, hammoho le kgosi ya hao, eo o tla e bea teroneng, Morena o tla o isa setjhabeng seo wena le bo-ntatao le sa kang la se tseba, mme hona teng o tla sebeletsa medimo e meng ya lehong, le ya majwe.

37. Hara ditjhaba tsohle, tseo Morena a tla o isa ho tsona, o tla ba setsoto, o be pale, o be mohlolo.

38. “O tla jala peo e ngata tshimong, empa o tla kotula hanyenyane, hobane ditsie di tla e ja.

39. O tla lema dirapa tsa morara, o o hlaolele, empa o ke ke wa nwa veine ya wona, kapa wa o kotula, hobane o tla jewa ke seboko.

40. O tla ba le difate tsa mohlwaare hohle naheng ya heno, empa o ke ke wa itlotsa ka ole, hobane ditholwana tsa mohlwaare wa hao, di tla hlohloreha.

41. O tla tswala bara le baradi, empa e ke ke ya eba ba hao, hobane ba tla ya bothopuweng.

42. Difate tsohle tsa hao, le ditholwana tsa naha ya heno, di tla jewa ke ditsie.

43. “Mojaki ya jakileng haeno o tla o phahamela haholoholo, empa wena o tla theohela tlasetlase.

44. O tla adima tsa hae, empa wena o tla hloka seo o ka mo adimang sona. Yena e tla ba hlooho, empa wena o tla ba mohatla.

45. “Dithohako tsena tsohle di tla ba hodima hao, di o salame, di o tshware, ho fihlela o timela, hobane o tla be o sa ka wa mamela lentswe la Morena Modimo wa hao; o sa ka wa boloka melao ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona.

46. Dithohako tsena di tla ba hodima hao e le pontsho le mohlolo, di be le hodima ditloholo tsa hao kamehla yohle,

47. hobane o tla be o sa ka wa sebeletsa Morena Modimo wa hao ka nyakallo, le ka pelo e thabileng, ka baka la ho raha ha hao ke monono.

48. Ka baka leo, o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Morena Modimo wa hao, a tla o romella tsona, o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka dintho tsohle. Di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, ho fihlela di o timetsa.

49. “Morena o tla o tlisetsa setjhaba se tswang hole, pheletsong ya lefatshe, se etla jwaloka ntsu ha e fofa; setjhaba seo o sa tsebeng puo ya sona;

50. setjhaba se difahleho di tshabehang, se sa tlo kgathalla maqheku, kapa sa qenehela ba batjha.

51. Se tla ja tswala ya diphoofolo tsa hao, le ditholwana tsa naha ya heno, ho fihlela se o timetsa. Ha se na ho o siela koro, kapa veine, kapa ole, kapa manamane a dikgomo tsa hao, kapa tswala ya mehlape ya hao, ho fihlela se o timetsa.

52. Se tla thibella dikgoro tsa metse ya heno, ho fihlela marako a hao, a phahameng, a diqhobosheane, ao o a tshepang, a heleha naheng yohle ya heno. Se tla thibella dikgoro tsohle tsa heno, naheng eo Morena Modimo wa hao a o neileng yona.

Dipolelo 28