Dipolelo 28:23-34 BIBELE (SSO89SO)

23. Lehodimo le o okametseng le ke ke la nesa pula, mobu oo o tsamayang hodima wona o tla ba sengangata jwaloka tshepe.

24. Bakeng sa pula, Morena o tla tlisetsa naha ya heno lerole; le tla theohela ho wena le etswa lehodimong, ho fihlela o timela.

25. “Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.

26. Setopo sa hao se tla jewa ke matlaka, le dibatana tsa naha, mme ha ho motho ya tla di tshosa.

27. “Morena o tla o otla ka mathopa jwaloka Baegepeta, le ka dihlahala, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho, mme tsena di ke ke tsa phekolwa.

28. Morena o tla o otla ka bohlanya, le ka bofofu, le ka pherekano.

29. O tla phopholetsa e le motsheare, jwalokaha sefofo se phopholetsa lefifing, mme ha ho letho leo o tla atleha ho lona. O tla hatellwa, o amohuwe tsa hao kamehla, empa ha ho ya tla o namolela.

30. “O tla nyala mosadi, empa o tla robalwa ke monna e mong. O tla haha matlo, empa o ke ke wa phela ka ho wona. O tla lema dirapa tsa morara, empa o ke ke wa ja ditholwana tsa tsona.

31. Pholo ya hao e tla hlajwa o ntse o e bona, empa o ke ke wa ja nama ya yona. O tla amohuwa tonki ya hao ka mahahapa, mme e ke ke ya hlola e kgutlisetswa ho wena. Nku ya hao e tla newa dira tsa hao, empa ha ho ya tla o namolela.

32. Bara ba hao le baradi ba hao ba tla newa setjhaba se seng, moo o ntseng o bona; o tla ba hlolohelwa ka dinako tsohle, empa o se na matla a ho etsa letho.

33. Ditholwana tsa naha ya heno, le matla wohle a hao, tsena di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng, empa wena o tla hatellwa, o robokelwe kamehla.

34. Tseo mahlo a hao a tla di bona di tla o hlantsha.

Dipolelo 28