1. “Haeba o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao ka hloko, o hlokomela ho phetha melao yohle ya hae, eo ke o laelang yona kajeno, Morena Modimo wa hao o tla o phahamisa ho feta ditjhaba tsohle tsa lefatshe.
2. Mahlohonolo ana wohle e tla ba a hao, a o aparele, hobane o tla be o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao:
3. “O tla hlohonolofatswa motseng,o hlohonolofatswe le masimong.
4. “Bana ba hao ba tla hlohonolofatswa,le ditholwana tsa naha ya heno,le tswala ya diphoofolo tsa hao,le manamane a dikgomo tsa hao,le tswala ya mehlape ya hao.
5. “Seroto sa haose tla hlohonolofatswa,le sejana sa haosa ho dubela hlama.
6. “O tla hlohonolofatswa ha o kena,o hlohonolofatswe ha o etswa.
7. “Morena o tla etsa hore dira tsa hao, tse o tsohetseng matla, di hlolwe o ntse o di bona. Ha di o futuhela di tla tla di tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha di o baleha di tla phasaphasa ka tsela tse ngata.
8. “Morena o tla hlohonolofatsa disiu tsa hao, le tsohle tseo o di etsang; a o hlohonolofatse naheng eo Morena Modimo wa hao a o neang yona.
9. “Morena o tla o etsa setjhaba se halalelang sa hae, jwalokaha a o hlapanyeditse, haeba o boloka melao ya Morena Modimo wa hao, mme o tsamaya ditseleng tsa hae.
10. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla elellwa hore o bitswa ka lebitso la Morena, mme di tla o tshaba.
11. Morena o tla o atlehisa haholo ka ho atisa bana ba hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le ditholwana tsa masimo a hao, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntatao hore o tla o nea yona.