Dipolelo 27:13-26 BIBELE (SSO89SO)

13. Merabe ya bo-Rubene le Gade, le Ashere, le Sebulone, le Dane, le Nafthali, yona, e tla ema hodima thaba ya Ebale, e phatlalatse thohako.

14. “Balevi ba tla howeletsa, ba re ho setjhaba sohle sa Iseraele:

15. “ <Ho rohakehe ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se bopilweng ka tshepe, se entsweng ke matsoho a setsebi, mme a se kgumamela sephiring, e leng ntho e manyala ho Morena!>“Setjhaba sohle se arabele, se re: <A ho be jwalo!>

16. “ <Ho rohakehe ya sa hlompheng ntatae kapa mmae.>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>

17. “ <Ho rohakehe ya suthisang mokolokotwane wa mohahabo!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>

18. “ <Ho rohakehe ya kgelosang sefofu tseleng ya sona!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>

19. “ <Ho rohakehe ya sokamisang kahlolo ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>

20. “ <Ho rohakehe ya robalang le mosadi wa ntatae, hobane o hlompholla diphate tsa ntatae!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>

21. “ <Ho rohakehe ya robalang phoofolo!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>

22. “ <Ho rohakehe ya robalang le kgaitsedi ya hae, kapa le moradi wa ntatae, kapa le moradi wa mmae!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>

23. “ <Ho rohakehe ya robalang le mohwehadi wa hae!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>

24. “ <Ho rohakehe ya bolayang mohahabo ka sekgukgu!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>

25. “ <Ho rohakehe ya amohelang tjotjo, hore a bolaye motho, a tsholle madi a se nang molato!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>

26. “ <Ho rohakehe ya sa phethahatseng dipallo tsa molao ona ka ho di etsa!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>

Dipolelo 27