12. “Ha le se le tshetse Jorodane, merabe ena, e leng ya Simeone, le ya Levi, le ya Juda, le ya Isakare, le ya Josefa, le ya Benjamine, e tla ema hodima thaba ya Gerisime, e hlohonolofatse setjhaba sena.
13. Merabe ya bo-Rubene le Gade, le Ashere, le Sebulone, le Dane, le Nafthali, yona, e tla ema hodima thaba ya Ebale, e phatlalatse thohako.
14. “Balevi ba tla howeletsa, ba re ho setjhaba sohle sa Iseraele:
15. “ <Ho rohakehe ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se bopilweng ka tshepe, se entsweng ke matsoho a setsebi, mme a se kgumamela sephiring, e leng ntho e manyala ho Morena!>“Setjhaba sohle se arabele, se re: <A ho be jwalo!>
16. “ <Ho rohakehe ya sa hlompheng ntatae kapa mmae.>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>
17. “ <Ho rohakehe ya suthisang mokolokotwane wa mohahabo!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>
18. “ <Ho rohakehe ya kgelosang sefofu tseleng ya sona!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>
19. “ <Ho rohakehe ya sokamisang kahlolo ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>
20. “ <Ho rohakehe ya robalang le mosadi wa ntatae, hobane o hlompholla diphate tsa ntatae!>“Setjhaba sohle se re: <A ho be jwalo!>