1. Bo-Moshe le baholo ba Iseraele ba laela setjhaba, ba re: “Bolokang melao yohle eo ke le laelang yona kajeno.
2. Mohla letsatsi leo ka lona le tshelang Jorodane, le kenang naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le hlome majwe a maholo, le a dile ka phepa.
3. Ha le se le tshetse le ngole mantswe wohle a molao ona hodima majwe ao, e le hore le tle le kene naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona; e leng naha e phallang lebese le mahe a a dinotshi, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le tshepisitse.
4. Ha le se le tshetse Jorodane, majwe ana le tla a hloma hodima thaba ya Ebale, le a dile ka phepa jwalokaha ke le laela kajeno.
5. Le tla hahela Morena Modimo wa lona, aletare hona moo; e be aletare ya majwe, mme le se ke la a betla ka tshepe.
6. Le tla haha aletare ena ya Morena Modimo wa lona, ka majwe a sa betlwang, mme hodima yona le etsetse Morena Modimo wa lona, dinyehelo tsa setjheso.
7. Le etse le sehlabelo sa nyehelo ya teboho; le se jelle hona moo, mme le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona.
8. Hodima majwe ana le ngole mantswe wohle a molao ona ka mokgwa o bonahalang hantle.”
9. Moshe, a ena le baprista, e leng Balevi, a bua le Baiseraele bohle, a re: “Tsie lala! Mamelang, lona Baiseraele! Ka letsatsi lena le se le le setjhaba sa Morena Modimo wa lona.
10. Ka baka lena, le tla mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, le phethe melao ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno.”