13. O tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: <Ke ntshitse dintho tse halalelang ka tlung, ke bile ke di neile Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, ho ya ka molao wohle wa hao, oo o ntaetseng wona. Ha ke a kgeloha melao ya hao, mme ha ke a e lebala.
14. Ha ke a ja letho la tsona ha ke ntse ke le bofifing; kapa ka tlosa letho la tsona ha ke ntse ke le sesila; kapa ka nyehella bafu ka tsona. Ke mametse lentswe la Morena Modimo wa ka. Ke entse tsohle ho ya kamoo o ntaetseng kateng.
15. Tadima tlase, o le leahong la hao le halalelang, le lehodimong, o hlohonolofatse Iseraele, setjhaba sa hao, le mobu oo o re neileng wona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, jwalokaha o ne o hlapanyetse bo-ntata rona.>