Dipolelo 26:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ha le se le fihlile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona; le se le ahile ho yona,

2. o tla nka dilopotsiya tsa ditholwana tsohle tse tswang mobung wa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. O di kenye ka serotong, ebe o ya sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona.

3. O tla ya ho eo e leng moprista ka nako eo, o re ho yena: <Kajeno ke bolela ho Morena Modimo wa ka, hore ke fihlile naheng eo Morena a neng a hlapanyetse bo-ntata rona hore o tla re nea yona.>

4. “Moprista o tla nka seroto matsohong a hao, a se bee fatshe kapele ho aletare ya Morena Modimo wa hao.

5. Jwale wena o tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: <Ntate e ne e le Moarame wa moleleri, a theohela Egepeta, a jaka teng le batho ba mmalwana. Empa ha a se a le moo ya eba setjhaba se seholo, se matla, se sengata.

6. Baegepeta ba re tshwara hampe, ba re hlorisa, ba re sebedisa ka thata.

7. Yaba re llela Morena Modimo wa bo-ntata rona, mme Morena a utlwa sello sa rona, a bona matshwenyeho a rona, le mosebetsi wa rona o boima, le kgatello ya rona.

8. Morena a re ntsha naheng ya Egepeta ka matla a hae a maholo, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, le ka dipontsho, le ka mehlolo.

9. A re tlisa sebakeng sena, a re nea naha ena, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.

10. Jwale bona, ke tlisitse dilopotsiya tse tswang mobung oo o nneileng wona, Morena.> O tla di bea fatshe, kapele ho Morena Modimo wa hao, o mo kgumamele.

11. Wena, le ba lelapa la hao, le Molevi, le mojaki ya teng hara lona, le tla ithabisa ka tsena tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa hao, a o neileng tsona.

12. “Ka selemo sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome, ha o qetile ho ntsha dikarolo tseo tsohle tsa tse leshome tsa kotulo ya hao, o di nee Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, hore le bona ba tle ba je, ba kgore, ba le setjhabeng sa heno.

Dipolelo 26