Dipolelo 25:9-16 BIBELE (SSO89SO)

9. mohatsa ngwanabo o tla atamela ho yena, moo baholo ba ntseng ba bona, a mo rodise seeta leotong, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, a arabele, a re: <Ho etswa tjena ka monna ya hanang ho tsosa ntlo ya ngwanabo!>

10. Setjhabeng sa Iseraele o tla rewa lebitso la <Lelapa la monna ya rodisitsweng seeta.>

11. “Ha banna ba babedi ba lwana, mme mosadi wa e mong a kena dipakeng ho namolela monna wa hae, ha a ntse a tetekwa ke ya lwanang le yena, eba o otlolla letsoho la hae, o mo tshwara ka makwalata,

12. o tla kgaola letsoho la mosadi eo, o se na mohau.

13. “Ka mokotleng wa hao o se ke wa ba le mefuta e fapaneng ya majwe a lekanyang boima, ke ho re le leholo le le lenyenyane.

14. Ka tlung ya hao o se ke wa ba le mefuta e fapaneng ya mafiswana a methang, ke ho re le leholo le le lenyenyane.

15. O be le lejwe le bontshang boima, le nepahetseng, le sa hanyapetseng; o be le lefiswana le methang, le nepahetseng, le sa hanyapetseng, e le hore o tle o phele halelele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.

16. E mong le e mong ya etsang dintho tse tjena, le e mong le e mong ya etsang ho sa lokang, ke manyala ho Morena Modimo wa hao.

Dipolelo 25