12. o tla kgaola letsoho la mosadi eo, o se na mohau.
13. “Ka mokotleng wa hao o se ke wa ba le mefuta e fapaneng ya majwe a lekanyang boima, ke ho re le leholo le le lenyenyane.
14. Ka tlung ya hao o se ke wa ba le mefuta e fapaneng ya mafiswana a methang, ke ho re le leholo le le lenyenyane.
15. O be le lejwe le bontshang boima, le nepahetseng, le sa hanyapetseng; o be le lefiswana le methang, le nepahetseng, le sa hanyapetseng, e le hore o tle o phele halelele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
16. E mong le e mong ya etsang dintho tse tjena, le e mong le e mong ya etsang ho sa lokang, ke manyala ho Morena Modimo wa hao.
17. “Hopolang seo Baamaleke ba neng ba le etse sona, ha le le tseleng, le etswa naheng ya Egepeta,
18. kamoo ba neng ba le futuhela tseleng kateng, ba bolaya ba neng ba saletse morao, ba bolaya le bohle ba neng ba fokola, ba le kamorao ho lona, ha lona le lapile, le kgathetse; ba ba bolaya ba sa tshabe Modimo.
19. Etlare ha Morena Modimo wa lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona, le fedise lebitso la Baamaleke lefatsheng. Le se ke la ba la lebala!