Dipolelo 25:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ha ho ena le tsekisano pakeng tsa banna, ba tla tla lekgotleng la boahlodi, mme baahlodi ba ba ahlolele. Ba tla lokolla ya se nang molato, ba ahlole ya molato.

2. Haeba ya molato a lokela ho shapuwa, moahlodi o tla mo paqamisa, mme mo moahlodi a ntseng a bona, motho eo a shapuwe dithupa tse lekanang molato wa hae.

3. Moahlodi a ka mo ahlolela dithupa tse mashome a mane, e seng ho feta moo, esere haeba di ka feta moo, a shapuwa dithupa tse ngata ho feta tsena, ngwaneno a tlontlolleha mahlong a hao.

4. “E polang o se ke wa e tlama molomo.

5. “Ha bana ba motho ba ahile mmoho, mme e mong wa bona a eshwa a se na mora, mosadi wa mofu a se ke a nyalwa ke eo e seng wa lelapa. Ngwanabo monna wa hae o tla mo kenela, a mo nke, e be mosadi wa hae, a phethe tshwanelo ya ngwanabo monna.

6. Mora wa matsibolo eo a tla mmeleha, o tla reellwa ka mofu, e le hore lebitso la hae le se ke la timela hara Baiseraele.

7. “Haeba monna eo a sa rate ho kenela mohatsa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ya motse, ho baholo, mme a re: <Ngwanabo monna ka o hana ho tsosa lebitso la ngwanabo setjhabeng sa Iseraele; ha a batle ho phetha tshwanelo ya hae ho nna.>

8. Jwale baholo ba motse wa habo ba tla mmitsa, ba bue le yena. Haeba a ngangella, a re: <Ha ke rate ho mo kenela,>

9. mohatsa ngwanabo o tla atamela ho yena, moo baholo ba ntseng ba bona, a mo rodise seeta leotong, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, a arabele, a re: <Ho etswa tjena ka monna ya hanang ho tsosa ntlo ya ngwanabo!>

10. Setjhabeng sa Iseraele o tla rewa lebitso la <Lelapa la monna ya rodisitsweng seeta.>

11. “Ha banna ba babedi ba lwana, mme mosadi wa e mong a kena dipakeng ho namolela monna wa hae, ha a ntse a tetekwa ke ya lwanang le yena, eba o otlolla letsoho la hae, o mo tshwara ka makwalata,

12. o tla kgaola letsoho la mosadi eo, o se na mohau.

13. “Ka mokotleng wa hao o se ke wa ba le mefuta e fapaneng ya majwe a lekanyang boima, ke ho re le leholo le le lenyenyane.

Dipolelo 25