Dipolelo 24:5-12 BIBELE (SSO89SO)

5. “Ha monna a qeta ho nyala, a se ke a tswa le bahlabani ha ba futuha; hape a se ke a laelwa ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe. O tla lokollwa hore a qete selemo a le lapeng la hae, a ithabise le mosadi wa hae, eo a tswa mo nyala.

6. “Ho se be ya ka reng motho a bee lelwala la hae, kapa tshilo ya hae paneng, hobane hoo ke hore motho a bee paneng ntho e mo phedisang.

7. “Ha motho a fumanwa a utswa e mong wa bana babo, eo e leng wa bana ba Iseraele, a mo etsa lekgoba, kapa a mo rekisa, leshodu leo le tla bolawa, mme ebe o fedisa jwalo bokgopo hara lona.

8. “Elang lefu la lepera hloko; le hlokomele ho etsa tsohle ho ya kamoo baprista, e leng Balevi, ba tla le ruta kateng. Ho ya kamoo ke ba laetseng kateng, le hlokomele ho etsa jwalo.

9. Hopolang seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Meriama, tseleng, ha le ne le etswa naheng ya Egepeta.

10. “Ha o adima wa heno ntho efe kapa efe, o se ke wa kena ka tlung ya hae, ho ya lata seo a se beileng paneng.

11. O eme kantle, mme motho eo o mo adimileng ho hong a o tlisetse seo a se beang paneng o le kantle.

12. Haeba e le mofutsana, ntho eo a e beang paneng e se ke ya qeta bosiu ho wena.

Dipolelo 24