Dipolelo 24:14-22 BIBELE (SSO89SO)

14. “O se ke wa hatella mohlanka wa hao ya futsanehileng, ya hlokang; e ka ba ngwaneno, kapa e mong wa bajaki ba phelang motseng wa heno.

15. O mo nee moputso wa hae wa letsatsi ka leng; letsatsi le se ke la dikela a eso o fumane, hobane ke mofutsana, mme o lebeletse moputso oo, e le hore a se ke a ipiletsa ho Morena ka baka la hao, mme ebe o entse sebe.

16. “Bo-ntata ba ke ke ba bolawa ka baka la bana ba bona; le bana ba ke ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona. Motho e mong le e mong o tla bolaelwa sebe sa hae.

17. “O se ke wa sotha kahlolo ya moditjhaba kapa ya kgutsana, mme o se ke wa nka seaparo sa mohlolahadi hore se bewe paneng.

18. O mpe o hopole hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla teng. Ke ka baka lena ke o laelang ho etsa ntho ena.

19. “Ha o hela koro ya hao tshimong ya hao, eba o lebala ngata hara tshimo, o se ke wa kgutlela hape ho ya e lata. E tla ba ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi, e le hore Morena Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mosebetsing wohle oo o o etsang.

20. “Ha o hlohlora ditholwana tsa sefate sa mohlwaare, o se ke wa boela wa se pheta kgetlo la bobedi. Tse setseng e tla ba tsa mojaki, kapa tsa kgutsana, kapa tsa mohlolohadi.

21. “Ha o ekga morara serapeng sa hao sa morara, o se ke wa boela wa kgwahlapisa. O setseng e tla ba wa mojaki, kapa wa kgutsana, kapa wa mohlolohadi.

22. O nne o hopole hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme ke ka baka lena ke o laelang ho etsa ntho ena.

Dipolelo 24