Dipolelo 24:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ha monna a nka mosadi, mme a mo nyala, eba hamorao o utlwa a se a sa mo rate, hobane a fumane ho hong hoo a sa ho rateng ho yena, o tla mo ngolla lengolo la tlhalo, a mo nee lona letsohong la hae, ebe o mo leleka lapeng ha hae.

2. Mosadi eo o tla tswa lapeng la monna eo, mme a ka nyalwa ke monna e mong.

3. Haeba monna wa bobedi le yena a se a sa mo rate, eba o mo ngolla lengolo la tlhalo, o mo nea lona letsohong la hae, o mo leleka lapeng ha hae; kapa haeba monna wa bobedi ya ileng a mo nyala a eshwa;

4. monna yane wa hae wa pele, ya ileng a mo leleka, ha a tshwanele ho mo nka hape, a mo nyala, hoba mosadi eo o se a silafetse, hobane hoo ke manyala kapele ho Morena. O se ke wa tlisa sebe naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be lefa la hao.

Dipolelo 24