9. “Ha le le diahelong, ka nako eo le futuhetseng dira tsa lona ka yona, le kgese tsohle tse silafatsang.
10. Haeba e mong wa lona a ka silafala bosiu, ka baka la ho ntshetsa metsi a bonna diphateng, o tla tswela kantle ho diahelo, a se ke a kgutlela ka ho tsona hape.
11. Ha letsatsi le sekame o tla tola ka metsi, mme ha le se le diketse a ka kgutlela ka diahelong.
12. “Kantle ho diahelo ho tla ba le sebaka se kgethetsweng hore ebe sa mohlabana.
13. Hara thepa ya hao o be le kgarashwana, mme ha o tswela kantle ho ya ithoma, o qale ka ho tjheka mokoti wa ho ithomela, mme ha o qetile ho ithoma o kwahelle mantle a hao ka mokoting oo.
14. Morena Modimo wa hao, o tsamaya le wena hara diahelo ho o sireletsa, le ho neelana ka dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsa hao eka kgona di halalele, esere Morena a bona ho hong hara lona ho silafetseng, mme a le furalla.
15. “Lekgoba le tshabetseng ho wena o se ke wa le kgutlisetsa ho monga lona eo le balehileng ho yena.
16. O le tlohele le phele le wena ha hao, kapa le phele motseng ofe kapa ofe oo le ratang ho dula ho wona. O se ke wa le hatella.
17. “Ho se be morwetsana wa Moiseraele kapa monna wa Moiseraele, ya ka etsang bootswa ka tempeleng.
18. O se ke wa dumela hore tjhelete e lefang seotswa, kapa e lefang monna ya kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka Tempeleng, e tliswe ka tlung ya Morena Modimo wa hao, ho lefella kano efe kapa efe. Bobedi ba dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao.
19. “O se ke wa lefisa ngwaneno tswala hodima seo o mo adimileng sona; e ka ba tswala ya tjhelete, kapa tswala ya dijo, kapa tswala ya eng le eng eo ho yeng ho lefiswe motho tswala ha e adimilwe.
20. O ka lefisa moditjhaba tswala, empa ho ngwaneno o se ke wa batla tswala, e le hore Morena Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mesebetsing yohle eo o e etsang naheng eo o tla fihla ho yona hore e be ya hao.
21. “Ha o etsetsa Morena Modimo wa hao kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane ruri Morena Modimo wa hao, o batla hore o e phethahatse; ho seng jwalo, e tla ba o entse sebe.