9. “Ha le le diahelong, ka nako eo le futuhetseng dira tsa lona ka yona, le kgese tsohle tse silafatsang.
10. Haeba e mong wa lona a ka silafala bosiu, ka baka la ho ntshetsa metsi a bonna diphateng, o tla tswela kantle ho diahelo, a se ke a kgutlela ka ho tsona hape.
11. Ha letsatsi le sekame o tla tola ka metsi, mme ha le se le diketse a ka kgutlela ka diahelong.
12. “Kantle ho diahelo ho tla ba le sebaka se kgethetsweng hore ebe sa mohlabana.
13. Hara thepa ya hao o be le kgarashwana, mme ha o tswela kantle ho ya ithoma, o qale ka ho tjheka mokoti wa ho ithomela, mme ha o qetile ho ithoma o kwahelle mantle a hao ka mokoting oo.
14. Morena Modimo wa hao, o tsamaya le wena hara diahelo ho o sireletsa, le ho neelana ka dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsa hao eka kgona di halalele, esere Morena a bona ho hong hara lona ho silafetseng, mme a le furalla.
15. “Lekgoba le tshabetseng ho wena o se ke wa le kgutlisetsa ho monga lona eo le balehileng ho yena.
16. O le tlohele le phele le wena ha hao, kapa le phele motseng ofe kapa ofe oo le ratang ho dula ho wona. O se ke wa le hatella.
17. “Ho se be morwetsana wa Moiseraele kapa monna wa Moiseraele, ya ka etsang bootswa ka tempeleng.
18. O se ke wa dumela hore tjhelete e lefang seotswa, kapa e lefang monna ya kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka Tempeleng, e tliswe ka tlung ya Morena Modimo wa hao, ho lefella kano efe kapa efe. Bobedi ba dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao.