Dipolelo 23:4-9 BIBELE (SSO89SO)

4. hobane ha ba a ka ba le thusa ka dijo le ka metsi leetong la lona ha le etswa Egepeta. Hape ba ile ba le neella ka Bileame, mora wa Beore, ha le le Petore e Mesopotamia, hore a le rohake.

5. Empa Morena Modimo wa lona, ha a a ka a namela Bileame, mme Morena Modimo wa lona, o ile a fetola thohako eo hore e be tlhohonolofatso ho lona, hobane Morena Modimo wa lona, a ne a le rata.

6. O se ke wa sebeletsa kgotso ya bona kapa boiketlo ba bona ka matsatsi wohle a bophelo ba hao.

7. “O se ke wa nyonya Moedomo, hobane ke ngwaneno. O se ke wa nyonya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya habo.

8. Bana ba moloko wa boraro, ba tswetsweng ke bona, ba ka amohelwa phuthehong ya Morena.

9. “Ha le le diahelong, ka nako eo le futuhetseng dira tsa lona ka yona, le kgese tsohle tse silafatsang.

Dipolelo 23