Dipolelo 23:21-25 BIBELE (SSO89SO)

21. “Ha o etsetsa Morena Modimo wa hao kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane ruri Morena Modimo wa hao, o batla hore o e phethahatse; ho seng jwalo, e tla ba o entse sebe.

22. Empa haeba o sa etsa kano, ha e tlo ba o entse sebe.

23. Seo o se buileng ka molomo wa hao, o tla hlokomela hore o se etse. O se etse ho ya kamoo o ikanetseng Morena Modimo wa hao kateng; o fane ka nyehelo ha boithaopo jwalokaha o buile.

24. “Ha o kena tshimong ya morara ya wa heno, o ka ja morara wa yona kamoo o ratang kateng, wa kgora, empa o se ke wa o tshela ka serotong sa hao.

25. Ha o kena tshimong ya koro ya wa heno, o ka ja matshohlo, empa o se ke wa hela koro ya mohaeno.

Dipolelo 23