6. “Haekare o ntse o tsamaya tseleng wa tholla nonyana hodima sefate sefe kapa sefe, kapa fatshe, e ena le madinyane kapa mahe, mme nonyana eo e fuame madinyane kapa e alame mahe, o se ke wa ntshetsa nonyana eo le madinyane a yona.
7. Ruri eka kgona o tlohele nonyana e fofe, empa madinyane wona o ka a ntshetsa, e le hore o tle o atlehe, mme o phele halelele.
8. “Ha o haha ntlo e ntjha, dintshing tsa marulelo a yona a sepapetlwa o hahe motero o a potapotang, e le hore ntlo ya hao e se ke ya ba le molato wa ho tsholoha ha madi, haeba motho a ka wa a le hodima yona.
9. “O se ke wa jala mefuta e mmedi ya dipeo tshimong ya hao ya morara, esere kotulo yohle ya seo o se jetseng, le ditholwana tsohle tsa morara, tsa o phonyoha.
10. “O se ke wa lema ka pholo o e panne le tonki.
11. “O se ke wa apara seaparo se lohilweng ka boya le sa lesela la lene.
12. “O iketsetse ditjellane diqoleng tse nne tsa seaparo sa hao, seo o itshophang ka sona.
13. “Ha monna a nyala mosadi, mme ere hoba a robale le yena a utlwe a se a mo tenne;
14. ebe o mo qosa ka tseo e seng nnete, o mmua hampe, o re: <Ke ile ka nyala mosadi enwa, empa ha ke qala ho robala le yena ke ile ka fumana e se e se morwetsana;>
15. ntatae le mmae ba tla hlahisa kapele ho baholo bopaki ba hore ke morwetsana, ba le kgorong ya motse.
16. Ntata morwetsana o tla re ho baholo: <Ke ile ka nea monna enwa moradi wa ka hore a mo nyale, empa o se a mo tenne.
17. Jwale o mo qosa ka seo e seng nnete, o re: Ke fumane moradi wa hao e se e se morwetsana. Empa bopaki ba hore moradi wa ka ke morwetsana ke bona!> Ba tla ala lesela kapele ho baholo ba motse.