17. Jwale o mo qosa ka seo e seng nnete, o re: Ke fumane moradi wa hao e se e se morwetsana. Empa bopaki ba hore moradi wa ka ke morwetsana ke bona!> Ba tla ala lesela kapele ho baholo ba motse.
18. Jwale baholo ba motse ba tla tshwara monna eo, ba mo shape;
19. ba be ba mo lefise silefera e ka etsang boima ba kilo e le nngwe ba e nee ntata morwetsana, hobane monna eo o sentse morwetsana wa Iseraele lebitso. Leha ho le jwalo, e tla nne e be mosadi wa hae, mme ha monna eo a ntse a phela a ke ke a hlala mosadi eo.
20. “Empa haeba qoso ena e le ya nnete, ho sa fumanwe bopaki ba hore ngwanana eo ke morwetsana,
21. ngwanana eo o tla iswa monyakong wa ntlo yabo ebe banna ba motse wa habo ba mo tlepeletsa teng ka majwe, a be a shwe, hobane o sitetswe Iseraele ka ho etsa bohlola a ntse a le lapeng labo. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.
22. “Haeba monna a fumanwa a feba le mosadi wa monna e mong, monna eo le mosadi eo ya neng a feba le yena, ba tla bolawa bobedi ba bona. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.
23. “Haeba morwetsana ya seng a lebeleditswe a teana le monna hara motse, mme monna eo a feba le yena,
24. bobedi ba bona o tla ba ntshetsa kantle ho kgoro ya motse, ba tlepeletswe teng ka majwe, ba be ba shwe. Ngwanana a bolawe hobane ha a a ka a hlaba mokgosi le hoja a ne a le kahara motse, monna le yena a bolawe hobane a tlontlolotse mosadi wa monna e mong. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.
25. “Empa haeba monna eo a teana le morwetsana eo ya lebeleditsweng ba le hara naha, eba o a mmeta, mme o robala le yena, ho tla bolawa monna eo a le mong.
26. Morwetsana yena ha o na ho mo etsa letho, kaha a sa etsa letho le lokelwang ke lefu. Ketso ena e tshwana le ya monna ya tsohelang motho e mong matla, eba o a mmolaya.
27. Monna enwa o fumane morwetsana hara naha, mme leha eba morwetsana enwa ya lebeleditsweng a ne a ile a hlaba mokgosi, ho ne ho se ya ka mo thusang.
28. “Haeba monna a fumana morwetsana ya sa lebeletswang, eba o a mmeta, o robala le yena, mme ketso eo ya bona e a hlahela;
29. monna eo ya robetseng le morwetsana eo o tla lefa ntata morwetsana silefera e ka etsang boima ba halofo ya kilo e le nngwe, a be a mo nyale, hobane o mo dihile letswele. Ha monna eo a ntse a phela a ke ke a hlala mosadi eo.
30. “Monna a se ke a nyala mohatsa ntatae, kapa a tlontlolla ntatae.