9. O tla tlosa madi ao a se nang molato, a tsholotsweng, hara lona, ha o etsa se nepahetseng mahlong a Morena.
10. “Ha o eya ntweng, o futuhela dira tsa hao, Morena a neelana ka tsona matsohong a hao, o di etsa bathopuwa,
11. mme hara bathopuwa o bona mosadi e motle, o utlwa o mo rata, mme o lakatsa ho mo nyala,
12. o tla mo tlisa ka tlung ya hao. O tla beola hlooho ya hae, a sete le manala a hae.
13. O tla hlobola diaparo tseo a thopilweng a di apere, a dule ka tlung ya hao kgwedi e tletseng a ntse a llela ntatae le mmae. Kamora moo o tla kena dikobong tsa hae, o ba monna wa hae, yena e be mosadi wa hao.
14. Empa haeba o se o sa mo rate, o tla mo lokolla, a ikele moo a ratang. Feela ho hang o se ke wa mo rekisa hore o fumane tjhelete. O se ke wa mo etsa jwalokaha eka ke lekgoba, hobane o ile wa mo nyala ka ho mo qobella.
15. “Ha monna a nyetse basadi ba babedi, e mong e le thatohatsi, e mong e le ya hloilweng, ba mo tswaletse bana, mme mora wa matsibolo e le wa ya hloilweng,
16. mohla monna eo a arolelang bara ba hae lefa la tseo a nang le tsona, a se ke a re mora wa matsibolo ke wa mosadi wa thatohatsi, empa mora wa mosadi ya hloilweng e le yena wa matsibolo.
17. O tla ananela mora wa matsibolo, wa mosadi ya hloilweng, a be a mo nee diabo tse pedi tsa dintho tsohle tseo a nang le tsona, hobane ke mora wa hae wa matswathaka, mme ditokelo tsa mora wa matsibolo ke tsa hae.