Dipolelo 21:7-16 BIBELE (SSO89SO)

7. Ba tla re: <Hase matsoho a rona a tsholotseng madi ana, le mahlo a rona ha a a ka a bona tshollo ena ya madi.

8. Oho, Morena, ako tshwarele setjhaba sa hao sa Iseraele, seo o se lopolotseng. O se ke wa jarisa setjhaba sa hao sa Iseraele molato wa ho tsholla madi a se nang molato.> Ba tla tshwarelwa molato wa ho tsholla madi.

9. O tla tlosa madi ao a se nang molato, a tsholotsweng, hara lona, ha o etsa se nepahetseng mahlong a Morena.

10. “Ha o eya ntweng, o futuhela dira tsa hao, Morena a neelana ka tsona matsohong a hao, o di etsa bathopuwa,

11. mme hara bathopuwa o bona mosadi e motle, o utlwa o mo rata, mme o lakatsa ho mo nyala,

12. o tla mo tlisa ka tlung ya hao. O tla beola hlooho ya hae, a sete le manala a hae.

13. O tla hlobola diaparo tseo a thopilweng a di apere, a dule ka tlung ya hao kgwedi e tletseng a ntse a llela ntatae le mmae. Kamora moo o tla kena dikobong tsa hae, o ba monna wa hae, yena e be mosadi wa hao.

14. Empa haeba o se o sa mo rate, o tla mo lokolla, a ikele moo a ratang. Feela ho hang o se ke wa mo rekisa hore o fumane tjhelete. O se ke wa mo etsa jwalokaha eka ke lekgoba, hobane o ile wa mo nyala ka ho mo qobella.

15. “Ha monna a nyetse basadi ba babedi, e mong e le thatohatsi, e mong e le ya hloilweng, ba mo tswaletse bana, mme mora wa matsibolo e le wa ya hloilweng,

16. mohla monna eo a arolelang bara ba hae lefa la tseo a nang le tsona, a se ke a re mora wa matsibolo ke wa mosadi wa thatohatsi, empa mora wa mosadi ya hloilweng e le yena wa matsibolo.

Dipolelo 21