10. “Ha o eya ntweng, o futuhela dira tsa hao, Morena a neelana ka tsona matsohong a hao, o di etsa bathopuwa,
11. mme hara bathopuwa o bona mosadi e motle, o utlwa o mo rata, mme o lakatsa ho mo nyala,
12. o tla mo tlisa ka tlung ya hao. O tla beola hlooho ya hae, a sete le manala a hae.
13. O tla hlobola diaparo tseo a thopilweng a di apere, a dule ka tlung ya hao kgwedi e tletseng a ntse a llela ntatae le mmae. Kamora moo o tla kena dikobong tsa hae, o ba monna wa hae, yena e be mosadi wa hao.
14. Empa haeba o se o sa mo rate, o tla mo lokolla, a ikele moo a ratang. Feela ho hang o se ke wa mo rekisa hore o fumane tjhelete. O se ke wa mo etsa jwalokaha eka ke lekgoba, hobane o ile wa mo nyala ka ho mo qobella.
15. “Ha monna a nyetse basadi ba babedi, e mong e le thatohatsi, e mong e le ya hloilweng, ba mo tswaletse bana, mme mora wa matsibolo e le wa ya hloilweng,
16. mohla monna eo a arolelang bara ba hae lefa la tseo a nang le tsona, a se ke a re mora wa matsibolo ke wa mosadi wa thatohatsi, empa mora wa mosadi ya hloilweng e le yena wa matsibolo.
17. O tla ananela mora wa matsibolo, wa mosadi ya hloilweng, a be a mo nee diabo tse pedi tsa dintho tsohle tseo a nang le tsona, hobane ke mora wa hae wa matswathaka, mme ditokelo tsa mora wa matsibolo ke tsa hae.
18. “Ha monna a ena le mora ya manganga, ya sa utlweng ditaelo, ya sa mameleng ntatae, kapa ya sa mameleng mmae; ere leha ba mo kgalemela a sa ba mamele,
19. ntatae le mmae ba tla mo tshwara, ba mo tlise ho baholo ba motse, kgorong ya motse wa habo.
20. Ba re ho baholo ba motse: <Mora enwa wa rona o manganga, ha a utlwe ditaelo, ha a re mamele. Ke monyollo le letahwa.>
21. Banna bohle ba motse ba tla mo tlepetsa ka majwe, a be a shwe. Kahoo o tla tlosa bokgopo ho wena, mme Baiseraele bohle ba tla utlwa, mme ba tshabe.
22. “Ha monna a lokelwa ke lefu ka baka la molato wa hae, mme a bolawa, setopo sa hae se leketliswe sefateng;
23. setopo seo sa hae se se ke sa qeta bosiu se ntse se leketlisitswe sefateng. Se hle se epelwe ka lona letsatsi leo, hobane ya leketlisitsweng sefateng o rohakilwe ke Modimo. O se ke wa silafatsa naha ya heno, eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be lefa la hao.