Dipolelo 21:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. “Haeba ho fumanwa setopo sa motho ya bolailweng se rapaletse hara naha eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be ya hao, mme ho sa tsejwe hore na motho eo o bolailwe ke mang;

2. baholo ba setjhaba sa heno, le baahlodi ba heno ba tla tla, ba lekanye bolelele ba sebaka ho tloha setopong, ho ya fihla metseng e se potapotileng.

3. Ha ho fumanehile hore na motse o haufi le setopo ke ofe, baholo ba motse oo ba tla nka kgomo ya sethole hara mohlape. Sethole seo e be se eso ka se thapiswa, se eso ka se panwa.

4. Baholo ba motse oo ba tla theolela sethole seo ka kgohlong e nang le metsi a phallang, e eso ka e lengwa, kapa e eso ka e jalwa; ebe ba se robela molala kamoo ka kgohlong.

Dipolelo 21