7. Na ho na le monna ya lebeleditseng morwetsana, ya eso mo nyale? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme morwetsana eo a nyalwa ke monna e mong.>
8. Baokamedi ba tla bua le bahlabani hape, ba re: <Na ho na le monna ya tshohileng, ya boi? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a nyahamisa bana babo dipelo, jwalokaha ya hae e nyahame.>
9. “Ha baokamedi ba qetile ho bua le bahlabani, ba tla kgetha balaodi ba mabotho ho a etella pele.
10. “Ha le atamela motse oo le o futuhelang, le o tsebise dipallo tseo ho ka etswang kgotso ka tsona.
11. Haeba motse oo o amohela dipallo tseo tsa kgotso, mme o le dumella hore le kene ho wona, batho bohle ba fumanwang ka ho wona e tla ba makgoba a lona, mme ba tla le sebeletsa.
12. Empa haeba motse oo o sa amohele dipallo tseo tsa kgotso, o le lwantsha, le tla o etsetsa thibella.
13. Ha Morena Modimo wa lona, a le neela motse oo matsohong, le bolaye e mong le e mong e motona ka sabole.
14. Empa ha e le basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tse kahara motse, esita le kgapo yohle, le tla inkela tsona e le tse hapilweng, mme le tla ja kgapo ya dira tsa lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.
15. “Le tla etsa jwalo ho metse yohle e hole le lona, eo e seng ya ditjhaba tsena.
16. Empa ha e le metseng ya ditjhaba tsena tseo Morena Modimo wa lona, a le neang tsona hore e be lefa la lona, teng le se ke la siya letho le phelang.
17. Ha e le Bahete le Baamore, Bakanana le Baperise, Bahife le Bajebuse, bona le ba timetse ho hang, jwalokaha Morena a le laetse;
18. esere ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, ao ba a etseditseng medimo ya bona, mme yaba le sitelwa Morena Modimo wa lona.