Dipolelo 20:11-20 BIBELE (SSO89SO)

11. Haeba motse oo o amohela dipallo tseo tsa kgotso, mme o le dumella hore le kene ho wona, batho bohle ba fumanwang ka ho wona e tla ba makgoba a lona, mme ba tla le sebeletsa.

12. Empa haeba motse oo o sa amohele dipallo tseo tsa kgotso, o le lwantsha, le tla o etsetsa thibella.

13. Ha Morena Modimo wa lona, a le neela motse oo matsohong, le bolaye e mong le e mong e motona ka sabole.

14. Empa ha e le basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tse kahara motse, esita le kgapo yohle, le tla inkela tsona e le tse hapilweng, mme le tla ja kgapo ya dira tsa lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.

15. “Le tla etsa jwalo ho metse yohle e hole le lona, eo e seng ya ditjhaba tsena.

16. Empa ha e le metseng ya ditjhaba tsena tseo Morena Modimo wa lona, a le neang tsona hore e be lefa la lona, teng le se ke la siya letho le phelang.

17. Ha e le Bahete le Baamore, Bakanana le Baperise, Bahife le Bajebuse, bona le ba timetse ho hang, jwalokaha Morena a le laetse;

18. esere ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, ao ba a etseditseng medimo ya bona, mme yaba le sitelwa Morena Modimo wa lona.

19. “Ha le etseditse motse thibella ka nako e telele, le o lwantsha hore le o hape, le se ke la senya difate tsa wona ka ho di rema ka selepe. Le ka nna la ja ditholwana tsa tsona, empa le se ke la di rema, hobane na sefate sa naha ke motho, hoo le ka se etsetsang thibella le sona?

20. Ke difate feela tseo le tsebang hore hase difate tse ka jewang, tseo le ka di senyang, mme la di rema; ebe le haha metero ya ho thibella motse oo le lwanang le wona, ho fihlela o ineela.

Dipolelo 20