1. “Ha le futuha, le eya ntweng ho ya lwantsha sera sa lona, mme le bona dipere le dikariki tsa ntwa, le batho ba le fetang ka bongata, le se ke la ba tshaba, hobane nna Morena Modimo wa lona, ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, ke na le lona.
2. “Ha le le lekgatheng la ho lwana, moprista o tla atamela, a bue le bahlabani,
3. a re ho bona: <Mamelang, lona Baiseraele! Kajeno le thulana le dira tsa lona ntweng. Le se ke la nyahama dipelo; le se ke la tshaba, kapa la ferekana, kapa la tshoswa ke dira.
4. Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona ho ya le lwanela, le ho le hlolela dira tsa lona, le ho le pholosa.>
5. “Jwale baokamedi ba tla bua le bahlabani, ba re: <Na ho na le monna ya hahileng ntlo e ntjha, eo a eso e kgakole? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme ya kgakolwa ke monna e mong.
6. Na ho na le monna ya lemileng tshimo ya morara, ya eso je ditholwana tsa yona? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme ditholwana tsa yona tsa jewa ke monna e mong.
7. Na ho na le monna ya lebeleditseng morwetsana, ya eso mo nyale? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme morwetsana eo a nyalwa ke monna e mong.>