Dipolelo 2:33-37 BIBELE (SSO89SO)

33. Morena Modimo wa rona, a neelana ka yena ho rona. Ra mo hlola hammoho le bara ba hae, le setjhaba sa hae sohle.

34. Ka yona nako eo ra hapa metse ya hae yohle, mme motse o mong le o mong o nang le baahi ra o ripitla ho hang, ra bolaya banna, le basadi, le bana, ra se ke ra siya le ya mong.

35. Ra inkela dikgomo feela, mmoho le kgapo ya metse eo re e hapileng.

36. Ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le ho tloha motseng o kahara kgohlo eo, ho ya fihla Gileade, ha ho a ka ha eba le motse o ileng wa re hlola, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a neelane ka yona yohle ho rona.

37. Ke naheng ya Baamone feela, moo le sa kang la atamela teng; le sebakeng sohle se ka mahlakoreng a nokana ya Jaboko, le metseng e naheng e maralla, le hohlehohle moo Morena a ileng a re hanela ho ya teng.

Dipolelo 2