Dipolelo 2:3-16 BIBELE (SSO89SO)

3. <Le potolohile thaba ena halelele, ho lekane. Thinyetsang leboya.

4. Laela setjhaba, o re: Le lekgatheng la ho feta meeding ya bana babo lona, bana ba Esau, ba ahileng Seire. Ba tla le tshoha; ka baka leo, itlhokomeleng.

5. Le se ke la ba lwantsha. Nke ke ka le nea naha ya bona, leha e le ho ka lekanang bohato ba leoto feela, hobane thaba ya Seire ke e neile Esau hore e be ya hae.

6. Dijo tseo le tla di ja le di reke ho bona ka tjhelete; le metsi ao le tla a nwa le a reke ho bona ka tjhelete.>

7. “Morena Modimo wa lona, o le hlohonolofaditse mesebetsing yohle eo le e etsang. O ile a le hlokomela leetong la lona hara lehwatata lena le leholo. Ka dilemo tsena tse mashome a mane, Morena Modimo wa lona, o bile le lona, mme ha le a ka la hloka letho.

8. “Jwale ra feta ho bana babo rona, bana ba Esau, ba neng ba ahile Seire, ra ya ka tsela e tsamayang phuleng, e tswang Elate le Esione-Gebere. Ra thinya, mme ra nka tsela ya lehwatata la Moabe.

9. “Yaba Morena o re ho nna: <Le se ke la futuhela Moabe, le se ke la mo qholotsa hore a lwane. Nke ke ka le nea naha ya hae, hore e be ya lona, hobane Are ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona.> ”

10. Ka nako ena e fetileng, Baemime ba ne ba ahile moo. E ne e le setjhaba se seholo, se sengata, sa banna ba balelele jwaloka Baanake.

11. Le bona, jwaloka Baanake, ba ne ba bitswa Barefaime, empa Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime.

12. Ka nako e fetileng, Bahore le bona ba ne ba ahile Seire, empa bana ba Esau ba ba leleka, ba ba fiela kapele ho bona, mme bao ba aha naheng ya bona, jwalokaha Baiseraele ba entse naheng eo Morena a ba neileng yona.

13. “Jwale emang, le tshele nokana ya Serede.” Yaba re tshela nokana ya Serede.

14. “Dilemo tseo re di nkileng ho tloha Kadeshe-Barenea, ho fihlela re tshela nokana ya Serede, e bile mashome a mararo a metso e robedi. Bahlabani bohle ba moloko oo, ba ne ba se ba shwele, jwalokaha Morena a ne a ile a ba hlapanyetsa.

15. Letsoho la Morena le ile la nna la ba lwantsha, mme la ba timetsa ba le diahelong tsa bona, ho fihlela ba fela.

16. “Ha bahlabani bohle ba hara setjhaba ba se ba timetse,

Dipolelo 2