29. Jwalokaha bana ba Esau ba ahileng Seire, le Bamoabe ba ahileng Are, ba ile ba re dumella ho feta, re dumelle re fete, re be re yo tshela Jorodane, re kene naheng eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona.>
30. “Empa Sihone, kgosi ya Heshebone, a se ke a re dumella ho feta naheng ya hae, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a ile a thatafatsa moya wa hae, a etsa hore pelo ya hae e be manganga, e le hore a tle a neelane ka yena matsohong a lona, jwalokaha ho etsahetse kajeno.
31. “Yaba Morena o re ho nna: <Bona, ke qadile ho neelana ka Sihone le naha ya hae ho lona; qalellang ho e hapa, e tle e be lefa la lona.>
32. “Sihone a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a re futuhela, a re lwantshetsa pela Jahase.