15. Letsoho la Morena le ile la nna la ba lwantsha, mme la ba timetsa ba le diahelong tsa bona, ho fihlela ba fela.
16. “Ha bahlabani bohle ba hara setjhaba ba se ba timetse,
17. Morena a bua ho nna, a re:
18. <Kajeno le tla feta meeding ya Moabe, ka tsela ya Are.
19. Ha le fihla haufi le bana ba Amone, le se ke la ba futuhela, le se ke la ba qholotsa hore ba lwane. Nke ke ka le nea naha ya Baamone, hobane ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona.> ”
20. Naha ena e ne e bitswa ya Refaime, hobane ka nako e fetileng Barefaime ba ne ba ahile ho yona, empa Baamone bona ba ne ba ba ba bitsa Basamasume.
21. Baamone e ne e le setjhaba se seholo, se sengata, sa batho ba balelele, jwaloka Baanake, empa Morena o ile a fiela Baanake kapele ho Baamone, mme Baamone ba nka naha ya bona, ba aha ho yona.
22. Morena o ile a etsa jwalo le ho bana ba Esau, ba neng ba ahile Seire. O ile a fiela Bahore kapele ho bona, bana ba Esau ba ba leleka, mme ba aha naheng ya bona, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
23. Le Baafa ba neng ba ahile metsaneng e ilo fihla Gasa, ba ile ba timetswa ke Bakafatore ba neng ba etswa Kafatore, mme ba aha naheng ya bona.
24. “Emang, le tswele pele leetong la lona, le tshele molatswana wa Arenone. Bonang, Sihone wa Moamore, kgosi ya Heshebone, yena le naha ya hae, ke neelane ka yena matsohong a lona. Mo futuheleng, naha ya hae e be ya lona.
25. Ho tloha kajeno ke tla etsa hore ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo di be le letswalo, di le tshabe. Bohle ba tla thothomela, ba phakgasele kapele ho lona, ha ba utlwa lebitso la lona.
26. “Ha ke le lehwatateng la Kedemote ka romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Heshebone, ho isa molaetsa wa kgotso, ka re:
27. <Re dumelle re fete hara naha ya hao. Re tla itsamaela feela ka mmila o moholo; ha re na ho kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.
28. Dijo tseo re tla di ja, o tla re rekisetsa tsona ka tjhelete; le metsi ao re tla a nwa, o tla re rekisetsa wona ka tjhelete. Re ikopela ho feta ka tsela feela.
29. Jwalokaha bana ba Esau ba ahileng Seire, le Bamoabe ba ahileng Are, ba ile ba re dumella ho feta, re dumelle re fete, re be re yo tshela Jorodane, re kene naheng eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona.>