1. “Jwale ra thinya, ra nka leeto le lebang lehwatateng, ra ya ka tsela ya Lewatle la Lehlaka, jwalokaha Morena a ne a buile ho nna. Ra qeta matsatsi a mangata re ntse re potoloha thaba ya Seire.
2. “Morena a bua ho nna, a re:
3. <Le potolohile thaba ena halelele, ho lekane. Thinyetsang leboya.
4. Laela setjhaba, o re: Le lekgatheng la ho feta meeding ya bana babo lona, bana ba Esau, ba ahileng Seire. Ba tla le tshoha; ka baka leo, itlhokomeleng.
5. Le se ke la ba lwantsha. Nke ke ka le nea naha ya bona, leha e le ho ka lekanang bohato ba leoto feela, hobane thaba ya Seire ke e neile Esau hore e be ya hae.
6. Dijo tseo le tla di ja le di reke ho bona ka tjhelete; le metsi ao le tla a nwa le a reke ho bona ka tjhelete.>
7. “Morena Modimo wa lona, o le hlohonolofaditse mesebetsing yohle eo le e etsang. O ile a le hlokomela leetong la lona hara lehwatata lena le leholo. Ka dilemo tsena tse mashome a mane, Morena Modimo wa lona, o bile le lona, mme ha le a ka la hloka letho.