Dipolelo 19:14-21 BIBELE (SSO89SO)

14. “O se ke wa tlosa mokolokotwane wa moedi wa wa heno, o hlomilweng ke baholoholo naheng eo e leng lefa la hao, leo o tla le ja naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be ya hao.

15. “Paki e le nngwe e ke ke ya hlahisa bopaki bo qosang motho malebana le bokgopo bofe kapa bofe, kapa malebana le sebe sefe kapa sefe seo a se etsang. Qoso e tla ahlolwa ho ya ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo.

16. “Ha paki ya leshano e hlaha, e qosa motho ka hore o tlotse molao;

17. bana ba babedi, ba qosanang, ba tla ema kapele ho Morena, le kapele ho baprista le baahlodi bao e leng bona nakong eo.

18. Baahlodi ba tla hlahlobisisa taba eo ka hloko, mme haeba paki e le ya leshano, e qositse ngwanabo yona ka leshano;

19. wena o tla e etsa seo e neng e hopotse ho se etsa ho ngwanabo yona, ebe o fedisa bokgopo bona hara lona.

20. Ba bang ba tla utlwa, ba tshabe, mme ha ba sa tla etsa bokgopo bo kang bona hara lona.

21. O se ke wa ba mohau; bophelo bo lefuwe ka bophelo, leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, le leoto ka leoto.

Dipolelo 19