1. “Ha Morena Modimo wa hao, a timetsa ditjhaba tseo a le neang naha ya tsona, le tla hapa naha eo ya tsona, le ahe metseng ya tsona le matlung a tsona.
2. Le tla ikgethela metse e meraro naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona.
3. Le lokise ditsela tse yang metseng eo, mme naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be lefa la lona, le e arole dikarolo tse tharo, e be moo mmolai e mong le e mong a tla tshabela teng.
4. “Mmolai ya tla tshabela moo, hore a ipholose, ke ya tjena: ke ya bolayang e mong e se ka morero, mme eo e ne e se sera sa hae ka nako e fetileng.
5. Mohlala ke ona: haeba a eya morung le ngwanabo ho ya rema difate; ere ha a phahamisa selepe ho rema sefate, selepe seo se pshemohe mofenng, se rathe ngwanabo, ebe o a shwa, eo ke yena ya tla tshabela ho o mong wa metse ena, hore a pholohe.
6. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng a se ke a lelekisa mmolai eo, a sa ntsane a befile haholo, a mo tshwara, haeba tsela e le telele, a mmolaya; athe o ne a sa lokela ho shwa, hobane ka nako e fetileng e ne e se sera sa mmolauwa.
7. Ka baka leo, ke le laela hore le ikgethele metse e meraro.
8. “Haeba Morena Modimo wa lona, a atolosa meedi ya naha ya lona, jwalokaha a ile a hlapanyetsa bo-ntata lona, mme a le nea naha yohle eo a ileng a tshepisa hore o tla e nea bo-ntata lona;
9. haeba le boloka melao yohle eo ke le laelang yona kajeno, le e phetha; le rata Morena Modimo wa lona, le tsamaya ditseleng tsa hae kamehla, teng he, le tla eketsa metse e meng e meraro hodima ena e meraro.
10. Ho se be madi a se nang molato a tla tshollwa naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be lefa la lona; esere la jara molato wa ho tsholla madi.
11. “Empa haeba motho e le sera sa motho e mong, a lalla motho eo, a mo tsohela matla, a mmolaya, eba o tshabela ho o mong wa metse ena;