15. Morena Modimo wa hao, o tla hlahisa Moporofeta ya kang nna hara bana babo lona; le tle le mo mamele.
16. Sena ke seo le neng le se kope ho Morena Modimo wa lona, ha le le thabeng ya Horebe, mohla letsatsi leo setjhaba se neng se phuthehile ka lona, la re: <A re se hlole re utlwa lentswe la Morena Modimo wa rona hape; le mollo o moholo ona re se hlole re o bona hape, re tle re se ke ra shwa.>
17. “Morena o ne a re ho nna: <Ba buile hantle.
18. Ke tla ba hlahisetsa Moporofeta ya kang wena hara bana babo bona; ke tla mo ruta hore na a tle a reng, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.
19. Motho ya sa tlo mamela mantswe a ka, ao Moporofeta eo a tla a bua ka lebitso la ka, o tla ikarabella ho nna.
20. Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.>
21. “Mohlomong le ka nna la re ka dipelong tsa lona: <Dipolelo tseo Morena a sa kang a di bua re tla di tseba jwang?>
22. Ha moporofeta a bua ka lebitso la Morena, empa ntho eo a e buang e sa etsahale, e sa phethahale, ntho eo ke e sa buuwang ke Morena. Moporofeta eo o e buile ka boikakaso; le se ke la mo tshaba.