1. “Baprista, e leng Balevi, ke hore ba morabe wohle wa Levi, ha ba na ho ba le seabo lefeng la Iseraele; ba tla ja dinyehelo tsa dijo le dimpho, le diabo tse etsetswang Morena.
2. Balevi ha ba na ho ba le lefa jwaloka bana babo bona. Morena ke yena lefa la bona, jwalokaha a buile ho wena.
3. “Tsena e tla ba diabo tsa baprista tse tswang ho setjhaba, tse tswang ho ba etsang dinyehelo tsa setjheso; e ka ba pholo kapa nku, ba tla nea moprista sephaka, le ditlhaha, le mohodu.
4. O mo nee le dilopotsiya tsa dijo tsa hao, le tsa veine, le tsa ole, le tsa boya ba dinku tsa hao tse kutwang pele,
5. hobane Morena Modimo wa hao, o mo kgethile hara merabe yohle, hore a sebeletse ka lebitso la Morena kamehla yohle, yena le bara ba hae.
6. “Ha Molevi ya tswang motseng ofe kapa ofe wa naha yohle ya Iseraele, moo a jakileng teng, a lakatsa ka moya wa hae wohle ho tla sebakeng seo Morena a tla se kgetha,
7. o tla sebeletsa ka lebitso la Morena Modimo wa hae, jwaloka bana babo ba Balevi, ba emeng moo, kapele ho Morena.
8. O tla ja seabo se tshwanang le sa baprista ba bang, kahodimo ho hoo a ho fumanang ka ho rekisa dintho tsa hae.
9. “Ha o fihla naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona, o se ke wa ithuta ho etsa manyala a tshwanang le a etswang ke ditjhaba tseo.
10. Hara lona ho se fumanwe le ya mong ya fetisang mora wa hae kapa moradi wa hae hara mollo, ya sebedisang bohohe; eo e leng molepi wa dinako, kapa senohe, kapa moloi,
11. kapa ya sebedisang dithatho, kapa ya buang le badimo, kapa moloi, kapa lethuela.
12. Bohle ba etsang dintho tsena ke manyala ho Morena, mme ka baka la manyala ana Morena Modimo wa hao, o ba leleka kapele ho yena.
13. Wena o tshepahale ka ho tlala ho Morena Modimo wa hao.
14. “Leha ditjhaba tsena tseo o tla di hapa di kgolwa balepi ba dinako, le dinohe, empa ha e le wena, Morena Modimo wa hao, ha a o dumelle ho etsa jwalo.