Dipolelo 17:6-11 BIBELE (SSO89SO)

6. Ka bopaki ba dipaki tse pedi, kapa tse tharo, eo ya lokelang ho shwa a bolawe, empa ka bopaki ba paki e le nngwe, a ke ke a bolawa.

7. Dipaki e be tsona tse qalang ho mo tlepetsa ka majwe, ho ntano latela setjhaba. Le tlose bobe bona hara lona.

8. “Haeba taba e ahlolwang e o imela, e ka ba taba ya polao, kapa ya tsekisano, kapa ya ho ntshana dikotsi, kapa taba efe le efe ya ho se utlwane kahara metse ya lona, o tsamaye, o ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha.

9. Ha o fihla ho baprista, e leng Balevi, le ho moahlodi ya teng ka nako eo, o botse, mme bona ba tla o bolella kamoo nyewe e ka ahlolwang kateng.

10. Wena o tle o latele kahlolo eo ba tla o bolella yona, ba le sebakeng seo Morena a tla se kgetha, mme wena o hlokomele ho etsa kamoo ba tla o laela kateng.

11. Ho ya ka Molao oo ba tla o bolella wona, le ho ya ka kahlolo eo ba tla o bolella yona, wena o etse jwalo. O se ke wa ba wa kgeloha kahlolo eo ba tla o bolella yona.

Dipolelo 17