Dipolelo 17:4-9 BIBELE (SSO89SO)

4. ha lona le bolellwa, mme le utlwa taba ena, le e batlisise ka hloko. Haeba e le nnete, mme manyala a jwalo a entswe naheng ya Iseraele,

5. monna eo, kapa mosadi eo ya entseng ntho eo e manyala, a ntshetswe kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe, a be a shwe.

6. Ka bopaki ba dipaki tse pedi, kapa tse tharo, eo ya lokelang ho shwa a bolawe, empa ka bopaki ba paki e le nngwe, a ke ke a bolawa.

7. Dipaki e be tsona tse qalang ho mo tlepetsa ka majwe, ho ntano latela setjhaba. Le tlose bobe bona hara lona.

8. “Haeba taba e ahlolwang e o imela, e ka ba taba ya polao, kapa ya tsekisano, kapa ya ho ntshana dikotsi, kapa taba efe le efe ya ho se utlwane kahara metse ya lona, o tsamaye, o ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha.

9. Ha o fihla ho baprista, e leng Balevi, le ho moahlodi ya teng ka nako eo, o botse, mme bona ba tla o bolella kamoo nyewe e ka ahlolwang kateng.

Dipolelo 17