Dipolelo 17:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. “Le se ke la etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le sepha, kapa ka eng le eng e nang le sepha, hobane tse jwalo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.

2. “Haeba hara lona, le hara metse ya lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, ho ka fumanwa monna kapa mosadi ya etsang bobe mahlong a Morena Modimo wa lona, ka ho roba selekane sa hae,

3. mme eo a iketse ho ya sebeletsa medimo e meng, a e kgumamela, kapa a kgumamela letsatsi, kapa kgwedi, kapa dinaledi dife kapa dife, e leng tseo ke sa le laelang tsona;

4. ha lona le bolellwa, mme le utlwa taba ena, le e batlisise ka hloko. Haeba e le nnete, mme manyala a jwalo a entswe naheng ya Iseraele,

5. monna eo, kapa mosadi eo ya entseng ntho eo e manyala, a ntshetswe kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe, a be a shwe.

6. Ka bopaki ba dipaki tse pedi, kapa tse tharo, eo ya lokelang ho shwa a bolawe, empa ka bopaki ba paki e le nngwe, a ke ke a bolawa.

7. Dipaki e be tsona tse qalang ho mo tlepetsa ka majwe, ho ntano latela setjhaba. Le tlose bobe bona hara lona.

8. “Haeba taba e ahlolwang e o imela, e ka ba taba ya polao, kapa ya tsekisano, kapa ya ho ntshana dikotsi, kapa taba efe le efe ya ho se utlwane kahara metse ya lona, o tsamaye, o ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha.

Dipolelo 17