Dipolelo 16:7-13 BIBELE (SSO89SO)

7. Le e bese, le e jelle sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha. Hoseng le kgutlele ditenteng tsa lona.

8. Ka matsatsi a tsheletseng le tla ja bohobe bo sa lomoswang, empa letsatsi la bosupa e tla ba la phutheho e kgolo, e mahlonoko ya ho tlotla Morena Modimo wa lona. Le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo.

9. “Ho tloha ka letsatsi leo le qalang ho hela koro ka lona, le tla bala dibeke tse supileng.

10. Jwale le tla ketekela Morena Modimo wa lona, mokete wa dibeke; le fane ka nyehelo ya boithaopo ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng kateng.

11. Le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona: lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi ba ahileng kahara metse ya lona, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba hara lona, le le sebakeng se tla kgethwa ke Morena Modimo wa lona, hore a dule ho sona.

12. Hopolang hore le ne le le makgoba Egepeta. Le hlokomele ho boloka le ho phetha ditaelo tsena.

13. “Ka matsatsi a supileng, kamorao ho hoba le bokelle tse tswang diotlong tsa lona, le tse tswang ditlhotlelong tsa lona tsa veine, le tla keteke mokete wa maphephe.

Dipolelo 16