15. O hopole hore le wena o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla. Ke ka baka lena ke o laelang tjena kajeno.
16. “Empa haeba lekgoba leo le ka re ho wena: <Ha ke rate ho kgaohana le wena,> e le hobane le o rata, le rata le lelapa la hao; le hobane o le phedisa hantle;
17. o tla nka elese, o phunye tsebe ya lona e manamisitswe lemating. Jwale lekgoba leo e tla ba la hao kamehla yohle. Le lekgoba la hao la mosadi o le etse jwalo.
18. “Ho se ke ha eba thata ho lokolla lekgoba la hao, hobane mosebetsi oo le o etseditseng wona ka dilemo tse tsheletseng, o lekanwa ke moputso wa bahlanka ba babedi ba hirilweng, mme Morena Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa ho tsohle tseo o di etsang.
19. “Matsibolo wohle a matona, a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku, o tla a kgethela Morena Modimo wa hao. O se ke wa sebedisa matsibolo a mohlape wa hao wa dikgomo. O se ke wa kuta matsibolo a mohlape wa hao wa dinku.
20. Ka selemo se seng le se seng, o tla ja matsibolo ana o le kapele ho Morena Modimo wa hao; wena, mmoho le ba lelapa la hao, o a jelle sebakeng seo Morena Modimo wa hao, a tla se kgetha.
21. Haeba matsibolo a ena le sepha sa ho hlotsa, kapa sa ho foufala, kapa a ena le sepha sefe kapa sefe, o se ke wa etsetsa Morena Modimo wa hao sehlabelo ka wona.
22. O a jelle kahara motse wa heno. Ba hlwekileng le ba sesila ba je nama ya wona ka ho tshwana, jwalokaha ba eja nama ya tshephe, kapa nama ya kgama.
23. Feela bobete ba wona bona o se ke wa bo ja. O bo qhalle fatshe jwalokaha o qhala metsi.