10. Ruri eka kgona le mo fe, mme ha le mo fa dipelo tsa lona di se ke tsa kganana, hobane ka baka la ketso ena, Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa mesebetsing yohle ya lona, le ho tsohle tseo le di etsang.
11. Bahloki ba ke ke ba fela kahara naha ya lona; ka baka leo, ke a le laela, ke re: <Ho ngwanabo lona, le ho mofutsana, le ho ya hlokang, ya naheng ya heno, o fane ka letsoho le batsi.>
12. “Ha o rekisetswa ngwaneno, e ka ba monna wa Moheberu, kapa mosadi wa Moheberu, o tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng. Ka selemo sa bosupa o tla mo lokolla.
13. Ha o mo lokolla, a se ke a tsamaya a itlhophere.
14. O mo fe haholo ho tse tswang mohlapeng wa hao, le ho tse tswang seotlong sa hao, le ho tse tswang setlhotlelong sa hao. Jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o hlohonolofaditse, le wena o mo fe jwalo.
15. O hopole hore le wena o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla. Ke ka baka lena ke o laelang tjena kajeno.
16. “Empa haeba lekgoba leo le ka re ho wena: <Ha ke rate ho kgaohana le wena,> e le hobane le o rata, le rata le lelapa la hao; le hobane o le phedisa hantle;
17. o tla nka elese, o phunye tsebe ya lona e manamisitswe lemating. Jwale lekgoba leo e tla ba la hao kamehla yohle. Le lekgoba la hao la mosadi o le etse jwalo.
18. “Ho se ke ha eba thata ho lokolla lekgoba la hao, hobane mosebetsi oo le o etseditseng wona ka dilemo tse tsheletseng, o lekanwa ke moputso wa bahlanka ba babedi ba hirilweng, mme Morena Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa ho tsohle tseo o di etsang.
19. “Matsibolo wohle a matona, a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku, o tla a kgethela Morena Modimo wa hao. O se ke wa sebedisa matsibolo a mohlape wa hao wa dikgomo. O se ke wa kuta matsibolo a mohlape wa hao wa dinku.
20. Ka selemo se seng le se seng, o tla ja matsibolo ana o le kapele ho Morena Modimo wa hao; wena, mmoho le ba lelapa la hao, o a jelle sebakeng seo Morena Modimo wa hao, a tla se kgetha.
21. Haeba matsibolo a ena le sepha sa ho hlotsa, kapa sa ho foufala, kapa a ena le sepha sefe kapa sefe, o se ke wa etsetsa Morena Modimo wa hao sehlabelo ka wona.
22. O a jelle kahara motse wa heno. Ba hlwekileng le ba sesila ba je nama ya wona ka ho tshwana, jwalokaha ba eja nama ya tshephe, kapa nama ya kgama.